BIBELE e Halalelang

Jeremia 16:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.

7. Ha ho e mong wa bona ya tla ngwathelwa bohobe dillong ho mo tshedisetsa mofu wa hae, mme ha ba ka ke ba noswa seno sa tshediso ka baka la ntata bona, leha e le mma bona.

8. Hape, o se ke wa kena ka tlung ya mokete ho ya itulela le bona ho ja le ho nwa.

9. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.

10. Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?

11. O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.

12. Le lona, le entse hampe ho fetisa bontata lona; bonang, le tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae, hore le tle le se ke la nkutlwa.

13. Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.

14. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re ka wona: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

15. Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.