BIBELE e Halalelang

Jeremia 16:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.

14. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re ka wona: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

15. Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.

16. Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.

17. Hobane mahlo a ka a tadimile mekgwa yohle ya bona e se nang ho pateha pela ka, le bokgopo ba bona bo se nang ho apeswa pontsheng ya ka.

18. Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.

19. Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.

20. Na motho a ka iketsetsa medimo, kanthe hase medimo?

21. Ka baka leo, bonang, jwale ke ba tsebisa letsoho la ka le matla a ka, ruri ke tla nne ke ba tsebise wona, mme ba tla tseba hobane lebitso la ka ke Jehova.