BIBELE e Halalelang

Jeremia 16:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re:

2. O se ke wa nyala mosadi, o se ke wa ba le bara le baradi nqalong ena.

3. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa bara le bakeng sa baradi ba ka tswalwang nqalong ena, le bakeng sa bomma bona ba ba belehang, le bakeng sa bontata bona ba ba tswalang fatsheng lena:

4. Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.

5. Hobane ho itswe ke Jehova: O se ke wa kena ka tlung ya dillo, o se ke wa ya ho bona ho lla le bona, le ho ba utlwela bohloko, hobane ke tlositse kgotso ya ka ho setjhaba sena, ho bolela Jehova, le lereko le mehauhelo ya ka.

6. Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.

7. Ha ho e mong wa bona ya tla ngwathelwa bohobe dillong ho mo tshedisetsa mofu wa hae, mme ha ba ka ke ba noswa seno sa tshediso ka baka la ntata bona, leha e le mma bona.

8. Hape, o se ke wa kena ka tlung ya mokete ho ya itulela le bona ho ja le ho nwa.

9. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.

10. Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?

11. O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.

12. Le lona, le entse hampe ho fetisa bontata lona; bonang, le tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae, hore le tle le se ke la nkutlwa.

13. Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.