BIBELE e Halalelang

Jeremia 14:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.

4. Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.

5. Esita le tholo e naheng e a tswala, mme e lahla namane, hobane botala ha bo yo.

6. Le dipitsi di eme marallaneng, di fofonela moya jwaloka diphokojwe, mahlo a tsona a eba, hobane ha ho jwang bo botala.

7. Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.

8. Tshepo ya Iseraele, mopholosi wa hae tsatsing la tsietsi, na o ya ba jwaloka moditjhaba lefatsheng, kapa jwaloka moeti ya fapohang tsela ho hlola bosiu feela na?

9. Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.

10. Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.

11. Mme Jehova a re ho nna: O se ke wa rapella setjhaba sena ho se batlela molemo.

12. Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.