BIBELE e Halalelang

Jeremia 12:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?

2. O ba hlomile; ba kentse metso, ba medile, ba beile ditholwana. O haufi le melomo ya bona, o mpa o le hole le dipelo tsa bona.

3. Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!

4. Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.

5. Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?

6. Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.

7. Ke tlohetse ntlo ya ka; ke lahlile lefa la ka; se ratwang ke moya wa ka ke se neetse matsohong a bao e leng dira ho sona.

8. Ho nna lefa la ka le jwaloka tau e morung, le a mpurumela; ke le hloile ke hona.

9. Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong.

10. Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka ya morara, ba hataketse tshimo ya ka, tshimo ya ka e ratehang ba e entse lefeella le lebe.