BIBELE e Halalelang

Jeremia 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,

2. eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.

3. La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.

4. Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re:

5. Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.

6. Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.

7. Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.

8. O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.