BIBELE e Halalelang

Jakobo 5:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Kgauta le silefera ya lona di jelwe ke mafome, mme mafome a tsona e tla ba paki e le tswang, a tla ja dinama tsa lona jwaloka eka ke mollo. Le ipokelletse matlotlo, hara matsatsi a bofelo.

4. Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.

5. Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo.

6. Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.

7. Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.

8. Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.