BIBELE e Halalelang

Jakobo 5:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena.

11. Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.

12. Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.

13. E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.

14. E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.

15. Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.

16. Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.

17. Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng.