BIBELE e Halalelang

Jakobo 4:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.

10. Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.

11. Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.

12. Mmei wa molao o mong, ke yena ya nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; wena o mang ha o ahlola ba bang?

13. Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;

14. athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.

15. Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.

16. Jwale, le ithabela meithorisong ya lona; ho ithorisa hohle ho jwalo ho hobe.

17. Efela ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, yena o etsa sebe.