BIBELE e Halalelang

Jakobo 3:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.

8. Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.

9. Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.

10. Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.

11. Na sediba se ka kolla ka mothapo o le mong metsi a monate le a babang na?

12. Na, banabeso, sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? Kapa morara o ka beha difeiye na? Le hona ha ho sediba se ka kollang metsi a babang le a monate.