BIBELE e Halalelang

Jakobo 3:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Na, banabeso, sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? Kapa morara o ka beha difeiye na? Le hona ha ho sediba se ka kollang metsi a babang le a monate.

13. O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.

14. Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.

15. Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona.

16. Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.

17. Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.

18. Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.