BIBELE e Halalelang

Jakobo 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.

2. Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.

3. Bonang, re kenya ditomo ka hanong ho dipere, hore di tle di re utlwe, mme re tsamaisa mmele wohle wa tsona kamoo re ratang kateng.

4. Bonang le tsona dikepe; leha di le kgolo hakalo, mme di fefolwa ke meya e bohale, di fetolwa ka lemati le lenyenyane, mme di ye hohle moo thato ya motsamaisi wa tsona e hopotseng teng.

5. Ka mokgwa o jwalo, le lona leleme, leha e le sethwana se senyenyane, le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollwana o monyenyane o ka tjhesa moru o mokakang!

6. Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.

7. Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.