BIBELE e Halalelang

Jakobo 2:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Empa ha le ya ka tshobotsi ya batho, le etsa sebe, mme le tsuwa ke molao, ka hore le batlodi ba wona.

10. Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.

11. Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le hona o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, leha o sa febe, o mpa o bolaya, o se o le motlodi wa molao.

12. Buang, mme le etse ka mokgwa o tshwanelang ba tlang ho ahlolwa ke molao wa tokoloho.

13. Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.

14. Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?

15. Ha ngwanabo lona, kapa kgaitsedi ya lona, ba hlobotse, mme ba hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,

16. mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang?

17. Ka mokgwa o jwalo, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e itjhweletse ruri.

18. Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

19. O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.

20. Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na?