BIBELE e Halalelang

Jakobo 2:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.

14. Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?

15. Ha ngwanabo lona, kapa kgaitsedi ya lona, ba hlobotse, mme ba hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,

16. mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang?

17. Ka mokgwa o jwalo, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e itjhweletse ruri.

18. Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

19. O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.

20. Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na?

21. Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na?

22. O a bona hobane tumelo ya hae e sebedisane le mesebetsi ya hae, mme tumelo ya hae e phethilwe ke mesebetsi,

23. ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo.

24. Ke moo le bonang hobane motho o bewa ya lokileng ke mesebetsi ya hae, e seng ke tumelo e nnotshi.

25. Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na?

26. Hobane, jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele.