BIBELE e Halalelang

Jakobo 2:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.

2. Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe;

3. ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka!

4. ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na?