BIBELE e Halalelang

Jakobo 1:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;

3. le ntse le tseba hobane ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello;

4. mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.

5. Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.

6. Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.

7. Ya jwalo a se ka a tshepa hobane a ka newa letho ke Morena.

8. Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.

9. Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae.

10. Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.

11. Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.

12. Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.