BIBELE e Halalelang

Jakobo 1:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.

18. Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.

19. Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;

20. hobane kgalefo ya motho ha e phethe ho loka ha Modimo.

21. Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le tsohle tsa lonya, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng ka ho lona, le tsebang ho boloka meya ya lona.

22. Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.

23. Hobane motho, haele moutlwi wa lentswe, e seng moetsi wa lona, o jwaloka motho ya iponang seiponeng tshobotsi eo a tswetsweng ka yona.

24. Ere hobane a ipone, o ye a tlohe, a lebale hang hore ke motho ya jwang.

25. Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.

26. Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.

27. Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.