3 Johanne

  1. 1

BIBELE e Halalelang

3 Johanne 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tumediso. — Ho roriswa Gaiuse.

1. Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.

2. Moratuwa, ke rata hoba o atlehe nthong tsohle, mme o iketle mmeleng wa hao, jwalokaha moya wa hao o atlehile.

3. Hobane ke thabile haholo ha baena ba fihlileng mona ba pakile nnete ya hao, kamoo o tsamayang nneteng kateng.

4. Ho nna ha ho thabo e fetisang ena, ya ho utlwa hoba bana ba ka ba tsamaya nneteng.

5. Moratuwa, o etsa ka bokgabane ho tsohle tseo o di etsetsang baena le baeti.

6. Ke bona ba pakileng lerato la hao pela kereke; mme o tla etsa hantle ha o ba baballa leetong la bona ka mokgwa o ka bokwang ke Modimo.

7. Hobane ba tsamaile ka baka la lebitso la wona, ba sa amohele letho ho baditjhaba.

8. Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.

Ho qoswa Diotrefe; ho roriswa Demetriuse. — Ditumediso.

9. Ke ngoletse kereke; empa Diotrefe, ya ratang ho ba wa pele wa bona, ha a re amohele.

10. Ka baka leo, mohla ke tlang ha heno, ke tla le hopotsa diketso tsa hae, tseo a di etsang, ha a ntse a re seba ka mantswe a lonya, mme ha a kgolwe ke hoo, empa, ere a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng.

11. Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.

12. Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete.

13. Ke ne ke na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke o ngolla tsona; empa ha ke rate ho di ngola ka pene le ka enke;

14. empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.

15. Kgotso e be ho wena! Metswalle e a o dumedisa. Dumedisa metswalle ka mabitso a yona.