BIBELE e Halalelang

2 Timothea 4:8-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.

9. Akofa ho tla ho nna kapele;

10. hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.

11. Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.

12. Tikike yena ke mo rometse Efese.

13. O ntlele le kobo eo ke e siileng Trowase ha Karpuse, le tsona dibuka, haholo dipampiri tsa matlalo.

14. Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.

15. O iponele bakeng sa hae, hobane o lwantshitse ditaba tsa rona ka matla.

16. Mohla ke ikarabelang ka la pele, kgotla, ha ho a ka ha eba motho ya nkemelang; empa ba ne ba ntahle bohle; Modimo o se ke wa ba bea molato wa hoo.

17. Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.

18. Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!

19. Dumedisa Priska le Akila, le ba ntlo ya Onesifore.

20. Eraste o setse Korinthe; Trofime ke mo tlohetse Mileta, a baba.

21. O phakise ho tla e eso ho be mariha. Eubule, le Pudense, le Lene, le Klaudia, le baena bohle ba o dumedisa.