BIBELE e Halalelang

2 Timothea 4:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!

19. Dumedisa Priska le Akila, le ba ntlo ya Onesifore.

20. Eraste o setse Korinthe; Trofime ke mo tlohetse Mileta, a baba.

21. O phakise ho tla e eso ho be mariha. Eubule, le Pudense, le Lene, le Klaudia, le baena bohle ba o dumedisa.

22. Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!