BIBELE e Halalelang

2 Timothea 4:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:

2. O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.

3. Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;

4. mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.

5. Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.

6. Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.

7. Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.

8. Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.

9. Akofa ho tla ho nna kapele;