BIBELE e Halalelang

2 Timothea 3:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena;

15. etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.

16. Lengolo lohle le budutsweng ke Moya wa Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgodisa, wa ho laya, le wa ho hodisa ka kgolo ya ho loka;

17. motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.