BIBELE e Halalelang

2 Timothea 3:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tseba hobane mehleng ya qetello ho tla hlaha dinako tse bohloko.

2. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;

3. e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;

4. e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo;

5. ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.

6. Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,

7. ba ithutang kamehla, empa e le ba sitwang ho fihla tsebong ya nnete le ka mohla o le mong.

8. Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo.

9. Empa ba ke ke ba hlola ba tswela pele; hobane bohlanya ba bona bo tla pepesetswa bohle jwaloka jwa bao.

10. Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;

11. le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.