BIBELE e Halalelang

2 Timothea 1:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.

12. Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.

13. O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste.

14. O boloke ka Moya o Halalelang, o ikahetseng ho rona, letlotlo le molemo le beilweng ho wena.

15. O a tseba hobane bohle ba Asia ba mphuraletse; hara bona ho na le Figele le Hermogene.

16. Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka;

17. empa mohla a fihlang Roma, o mpatlile ka mafolofolo, a ba a mphumana.

18. Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.