BIBELE e Halalelang

2 Timothea 1:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste;

2. ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.

3. Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare;

4. ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo;

5. ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.

6. Ka baka leo, le jwale, ke sa o hopotsa ho tsosa mpho ya Modimo e leng ho wena ka peo ya matsoho a ka.

7. Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.