BIBELE e Halalelang

2 Samuele 9:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Morena a re: Na ha ho sa le motho wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau wa Modimo na? Tsiba a re ho morena: Ho sa setse mora Jonathane, ya holofetseng maoto.

4. Morena a re ho yena: O kae? Tsiba a re ho morena: Bona, o ha Makire, mora Ammiele, mane Lodebare.

5. Yaba morena Davida o romela ho mo lata ha Makire, mora Ammiele, Lodebare.

6. Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!

7. Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.

8. Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?

9. Morena a bitsa Tsiba, mohlanka wa Saule, a re ho yena: Tsohle tseo e neng e le tsa Saule, le tsa ntlo yohle ya hae, ke di neile mora monga hao.

10. O mo lemele naha eo, e le wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, mme o mo tlisetse tse behwang, e be dijo tse jewang ke mora monga hao. Haele Mefiboshethe, mora monga hao, o tla nne a je tafoleng ya ka kamehla. Tsiba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabedi.

11. Tsiba a re ho morena: Mohlanka wa hao o tla etsa kahohle kamoo morena, monga ka, a laetseng mohlanka wa hae kateng. Davida a re: Mefiboshethe a nne a je tafoleng ya ka, jwaloka e mong wa bara ba morena.

12. Mefiboshethe o ba a na le mora e monyenyane, lebitso la hae e le Mika; bohle ba ahileng ha Tsiba e ne e le bahlanka ba Mefiboshethe.

13. Kahoo, Mefiboshethe a dula Jerusalema, hobane o ne a ntse a eja dijo tafoleng ya morena; o ne a holofetse maoto.