BIBELE e Halalelang

2 Samuele 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?

2. Ho ne ho sa le teng mohlanka wa ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Tsiba; a ya bitswa hore a tle ho Davida. Morena a re ho yena: A ke wena Tsiba na? Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!

3. Morena a re: Na ha ho sa le motho wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau wa Modimo na? Tsiba a re ho morena: Ho sa setse mora Jonathane, ya holofetseng maoto.

4. Morena a re ho yena: O kae? Tsiba a re ho morena: Bona, o ha Makire, mora Ammiele, mane Lodebare.

5. Yaba morena Davida o romela ho mo lata ha Makire, mora Ammiele, Lodebare.

6. Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!

7. Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.