BIBELE e Halalelang

2 Samuele 7:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Nathane a re ho morena: Eya, o etse tsohle tse pelong ya hao, etswe Jehova a le ho wena.

4. Ka bona bosiu boo, lentswe la Jehova la tlela Nathane, la re:

5. Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova: Na ke wena o reng, o ka nkgahela ntlo, ke tle ke dule ho yona na?

6. Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla bana ba Iseraele Egepeta, le jwale, ke mpa ke itsamaetse ka tente le ka tabernakele.

7. Le kahohle moo ke tsamaileng hammoho le bana bohle ba Iseraele, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele, ka re: Na ha le nkgahele keng ntlo ya dikedare na?

8. Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

9. Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.

10. Ke lokiseditse le setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo; ke se hlomile, se tle se dule ha habo sona, se se ke sa hlola se ferekana le bakgopo ba se ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka hapele,

11. leha e le jwaloka mohla ke neng ke laeleditse baahlodi setjhaba sa ka sa Iseraele. Haele wena, ke o phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hao; hape Jehova o a o bolella hore Jehova o tla o etsetsa ntlo.

12. Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.

13. Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;

14. ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;

15. empa mohau wa ka o ke ke wa mo tlohela, jwalokaha nkile ka o tlosa ho Saule, eo ke mo suthisitseng pela hao.