BIBELE e Halalelang

2 Samuele 7:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao!

22. O moholo kannete, Jehova Modimo, etswe ho se ya kang wena, ho se le modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka ditsebe tsa rona.

23. Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!

24. O itiiseditse setjhaba sa hao sa Iseraele, hore e nne e be setjhaba sa hao le ka ho sa feleng, mme wena Jehova, o nnile wa ba Modimo wa sona.

25. Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.

26. Lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, mme ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e ke e tiiswe pela hao.

27. Hobane, oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao wa re: Ke tla o hahela ntlo. Ke ka baka lena, ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho bea thapelo ena ho wena.

28. Mme jwale, Morena Jehova, ke wena Modimo; mantswe a hao ke nnete; o tshepisitse mohlanka wa hao taba ena e molemo.

29. Jwale ke re: Ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e be teng pontsheng ho wena ka ho sa feleng, etswe e le wena Morena Jehova o buileng; ntlo ya mohlanka wa hao e nne e hlohonolofatswe ka hlohonolofatso ya hao ka ho sa feleng.