BIBELE e Halalelang

2 Samuele 7:15-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. empa mohau wa ka o ke ke wa mo tlohela, jwalokaha nkile ka o tlosa ho Saule, eo ke mo suthisitseng pela hao.

16. Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.

17. Nathane a isa taba tseo tsohle le tsohle tsa tshenolo eo ho Davida.

18. Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona?

19. Le taba eo ya ka e nyenyane pela hao, Morena Jehova; o bile o ekeditse wa bua bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao, ka ho re, e tla tiya motsotso o molelele! Hleka ke wona mokgwa wa batho, Morena Jehova, na?

20. Davida a ka boela a bolela dife ho wena? O tseba mohlanka wa hao, Morena Jehova!

21. Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao!

22. O moholo kannete, Jehova Modimo, etswe ho se ya kang wena, ho se le modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka ditsebe tsa rona.

23. Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!

24. O itiiseditse setjhaba sa hao sa Iseraele, hore e nne e be setjhaba sa hao le ka ho sa feleng, mme wena Jehova, o nnile wa ba Modimo wa sona.

25. Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.