BIBELE e Halalelang

2 Samuele 6:18-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.

19. A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.

20. Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!

21. Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;

22. mme ke tla nne ke eketse, ke ipee lefeela ho feta le kajeno, ke nne ke iketse e monyenyane mahlong a ka; haele makgabunyane ao o a boletseng, wona a tla ntlhonepha.

23. Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a tswala bana le ho isa tsatsing la ho shwa ha hae.