BIBELE e Halalelang

2 Samuele 6:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida a boela a phutha ba kgethilweng bohle ba bahlabani ba Iseraele, a etsa dikete tse mashome a mararo.

2. Davida a tloha, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, a ya Baale-Juda, ho lata areka ya Modimo teng, eo lebitso la Jehova wa makgotla ya dutseng pakeng tsa dikerubime le bitswang ho yona.

3. Ba kenya areka ya Modimo koloing e ntjha, ha ba se ba e ntshitse tlung ya Abinadabe e leralleng. Ussa le Akio, bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaisa koloi eo e ntjha.

4. Ba e ntsha tlung ya Abinadabe e leralleng, e nkile areka ya Modimo, mme Akio a etella areka pele.

5. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletswa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.

6. Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Ussa a isa letsoho arekeng ya Modimo, a e tshwara, kahobane dipholo di ne di kgoptjwa.

7. Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.

8. Empa Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng, ka ho bolaya Ussa; ka baka lena, bitso la teng a le bitsa Peretse-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng.

9. Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?

10. Davida a hana ke hona ho isa areka ya Jehova ha hae motseng wa Davida, a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.

11. Areka ya Jehova ya dula ha Obed-Edomo wa Gathe kgwedi tse tharo; mme Jehova a hlohonolofatsa Obed-Edomo le ntlo ya hae kaofela.