BIBELE e Halalelang

2 Samuele 5:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jwale Davida, hobane a tlohe Hebrone, a eketsa a nka direthe le basadi Jerusalema; Davida a boela a tswallwa bara le baradi.

14. Ke ana mabitso a ba tswaletsweng yena a le Jerusalema: Ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;

15. le Jibhare, le Elishua, le Nefege, le Jafia;

16. le Elishama, le Eliada, le Elifelethe.

17. Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.

18. Bafilesta ha ba fihla, ba rasa kgohlong ya Barefaime.

19. Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.

20. Yaba Davida o ya Baale-Peratsime, mme Davida a ba qhala teng, a re: Jehova o entse sekgeo direng tsa ka, jwalokaha metsi a ka etsa sekgeo. Ka baka leo, lebitso la teng le bitswa Baale-Peratsime (thota ya dikgeo).

21. Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.

22. Bafilesta ba boela ba futuha hape, ba rasa kgohlong ya Barefaime.

23. Davida ha a botsa Jehova, Jehova a re: O se ke wa ya pontsheng; o ba pote kamorao, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.

24. Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.

25. Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme a qhala Bafilesta, ho tloha Gibea, ho ya fihla Gesere.