BIBELE e Halalelang

2 Samuele 5:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.

2. Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.

3. Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.

4. Davida o ne a le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho busa; mme a busa ka dilemo tse mashome a mane.

5. A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.

6. Mohlang oo, morena le banna ba hae ba futuhela Jerusalema, ho ya lwantsha Bajebuse ba neng ba ahile fatsheng la teng. Bajebuse ba bolella Davida, ba re: O ke ke wa kena kwano; esita le difofu le dihole di ka o leleka. E be e le ho re, Davida a ke ke a kena teng.

7. Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.

8. Davida a re tsatsing leo: Ya tla qhala Bajebuse, a be a fihle forong ya metsi ho dihole le difofu tse hloilweng ke pelo ya Davida, o tla hlohonolofala. Ke ka baka leo ho thweng: Difofu le dihole ke tseo, a ke ke a kena hae ha tsona.

9. Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.