BIBELE e Halalelang

2 Samuele 4:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle.

8. Ba tlisetsa Davida hlooho ya Ishe-Boshethe Hebrone, ba re ho morena: Ke ena hlooho ya Ishe-Boshethe, mora Saule, eo e neng e le sera ho wena se pheheletseng ho o bolaya; kajeno lena, Jehova o pheteleditse morena, monga ka, ho Saule le ho bana ba hae.

9. Davida a fetola Rekabe le Baana ngwanabo, bara ba Rimmone wa Beerothe, a re ho bona: Ka Jehova ya utlwang, ya namoletseng moya wa ka ditsietsing tsohle tsa ka, mohla e mong a neng a mphehela a re:

10. Bona, Saule o timetse; a lekanya eka o ntsebisa tse tla nthabisa; ka mpa ka mo tshwara, ka mmolaela Tsiklage, ya eba hona moputso wa peho ya hae.

11. Ke tla etsa jwalo hakakang ka lona, banna ba babe, ha le bolaile motho ya lokileng, tlung ya hae, a robetse diphateng tsa hae; ke tla batla madi a hae jwale matsohong a lona, ke le fedise lefatsheng!

12. Yaba Davida o laela bahlankana, ba tla, ba ba bolaya, ba ba poma matsoho le maoto, ba ntoo ba fanyeha pela letsha le Hebrone; haele hlooho ya Ishe-Boshethe, ba e nka, ba e epela lebitleng la Abnere, Hebrone.