BIBELE e Halalelang

2 Samuele 4:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mora Saule, ha a utlwa hobane Abnere o timetse Hebrone, matsoho a hae a tepella, le Baiseraele bohle ba tshoha.

2. Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;

3. hobane ba Beerothe ba pele ba ne ba balehetse Gitthaime, ya eba bajaki ba teng ho fihlela kajeno.

4. Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.