BIBELE e Halalelang

2 Samuele 3:21-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.

22. Yaba ho fihla bahlanka ba Davida, ba ena le Joabe, ba tswa futuha, ba kgutla ba hapile kgapo e kgolo, Abnere yena a se a tlohile ho Davida, Hebrone, Davida a mo file tsela, a bile a itsamaetse ka kgotso.

23. Joabe le sera sohle seo a nang le sona ha ba fihla, Joabe a tsebiswa, ha thwe: Abnere, mora Nere, o kile a tla ho morena, mme morena o mo file tsela, o bile o iketse ka kgotso.

24. Ebile Joabe o tla ho morena, a re: O entseng? Bona hle, Abnere ha a tlile ho wena, o mo file tsela jwang, ha a bile a itsamaetse ka kgotso na?

25. O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.

26. Yaba Joabe o tloha ho Davida, a romela manqosa ho lata Abnere; a ya mo kgutlisa sedibeng sa Sira, Davida a sa tsebe.

27. Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.

28. Davida ha a utlwa taba tseo, a re: Haele nna le mmuso wa ka, re tla nne re hloke kamehla pela Jehova molato wa madi a Abnere, mora Nere.

29. Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.

30. Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.

31. Davida a eketsa a re ho Joabe le ho setjhaba sohle seo a nang le sona: Haholang diaparo tsa lona, le itlame matheka ka masela a mahwashe, mme le llele Abnere. Morena Davida a ya, a latela mojaro wa mofu.

32. Ba epela Abnere Hebrone. Teng morena a lla, a bokolla a eme lebitleng la Abnere, le setjhaba sohle sa lla.

33. Yaba morena o bina pina ya malla ka Abnere, a re: Abnere o shwele jwang ka mokgwa oo sehlola se shwang ka wona na!

34. Matsoho a hao a ne a sa ka a tlangwa, le maoto a hao a ne a sa ka a tshwaswa ka mahlaahlela; o wele ka mokgwa wa motho ya wang pela bakgopo! Teng, setjhaba sohle sa eketsa ho mo llela.

35. Setjhaba sohle sa ntoo tla ho Davida, sa re, a je dijo e sa le motshehare. Davida a mpa a hlapanya, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha nka utlwa bohobe, leha e le eng, tsatsi le eso ho dikele.

36. Setjhaba sohle ha se utlwa hoo, sa kgahlwa ke hona, jwalokaha setjhaba sohle se be se ntse se kgahlwa ke tsohle tse etswang ke morena.

37. Kahoo, setjhaba sohle le Baiseraele bohle ba tseba hobane e ne e se morena ya laetseng hore Abnere, mora Nere, a bolawe.

38. Morena a boela a re ho bahlanka ba hae: Na ha le tsebe hobane kajeno ho wele morena, motho e moholo Iseraeleng na?

39. Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.