BIBELE e Halalelang

2 Samuele 3:16-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Monna wa hae a mo sala morao, a ntse a lla, ho ya fihla Bahurime; Abnere a mpa a re ho yena: Kgutla, o boye. Mme a kgutla.

17. Abnere a bua le baholo ba Iseraele, a re: Maoba le maobane le be le ntse le batla Davida, hore e be yena morena wa lona.

18. Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.

19. Hape, Abnere a bua le Benjamine. Abnere a ntoo ya Hebrone, ho tsebisa Davida tsohle tse lakatswang ke Iseraele le ke ntlo yohle ya Benjamine.

20. Abnere a tla ka taba tsena ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi, mme Davida a etsetsa Abnere la banna ba hae mokete.

21. Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.

22. Yaba ho fihla bahlanka ba Davida, ba ena le Joabe, ba tswa futuha, ba kgutla ba hapile kgapo e kgolo, Abnere yena a se a tlohile ho Davida, Hebrone, Davida a mo file tsela, a bile a itsamaetse ka kgotso.

23. Joabe le sera sohle seo a nang le sona ha ba fihla, Joabe a tsebiswa, ha thwe: Abnere, mora Nere, o kile a tla ho morena, mme morena o mo file tsela, o bile o iketse ka kgotso.