BIBELE e Halalelang

2 Samuele 24:2-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Morena a laela Joabe, molaodi wa makgotla, eo a nang le yena, a re: Eya le meloko yohle ya Iseraele, ho qala ka Dane, le ho ya fihla Beerseba, o bale setjhaba, ke tle ke tsebe bongata ba setjhaba.

3. Joabe a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a atise setjhaba, se ke se fete boholo ba sona ba jwale halekgolo, mahlo a morena, monga ka, a be a bone; empa morena, monga ka, o lakaletsang ntho eo?

4. Leha ho le jwalo, taelo ya morena ya hlola Joabe le balaodi ba bang ba makgotla, mme Joabe le balaodi ba bang ba makgotla ba tloha ho morena ho ya bala setjhaba sa Iseraele.

5. Ba ya, ba tshela Jordane, ba emisa Aroere, ho le letona ho motse o hara kgohlo ya Gade, nqa Jaesere.

6. Ba ntoo tla Gileade, le naheng ya Thahethime-Hodshi, ba ntoo fihla Dane-Jaane, le mathokong a Sidone.

7. Ba ntoo fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Baheve le ya Bakanana. Ha ba tloha teng, ba leba nqa borwa ho Juda, ho ya fihla Beerseba.

8. Eitse hobane ba potapote jwalo le naha yohle, ba kgutlela Jerusalema, ho se ho fetile kgwedi tse robileng mono o le mong tse nang le matsatsi a mashome a mabedi.

9. Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.

10. Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.

11. Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,

12. la re: Eya, o re ho Davida: Ho thwe ke Jehova: Ke o behela taba tse tharo; ikgethele e nngwe ho tsona, ke o etse yona.

13. Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.

14. Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.

15. Ha ho le jwalo, Jehova a nehela Iseraele lefu la sewa, ho qala ka nako ya hosasa, ho fihla nakong e beilweng, le ho tloha Dane, ho isa Beerseba. Ha eshwa batho ba mashome a supileng a dikete hara setjhaba.