BIBELE e Halalelang

2 Samuele 24:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.

15. Ha ho le jwalo, Jehova a nehela Iseraele lefu la sewa, ho qala ka nako ya hosasa, ho fihla nakong e beilweng, le ho tloha Dane, ho isa Beerseba. Ha eshwa batho ba mashome a supileng a dikete hara setjhaba.

16. Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.

17. Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!

18. Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.

19. Ka polelo ya Gade, Davida a ya, kamoo Jehova a laetseng kateng.

20. Eitse Arauna ha a tadima, a bona morena le bahlanka ba hae ba etla ho yena. Yaba Arauna o tloha, a ya, a inamela fatshe ka sefahleho pela morena.

21. Arauna a re: Morena, monga ka, o tletseng ho mohlanka wa hae? Davida a re: Ke tlile ho reka seotlo ho wena, ke tle ke hahele Jehova aletare teng, hore lefu le tlohe setjhabeng.

22. Arauna a re ho Davida: Morena, monga ka, a nke feela, mme a hlahisetse Jehova kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, pholo ke tsena tsa setjheso; hape, mesebetsi ya ho pola le mesebetsi e meng ya dipholo e ka etsa patsi.

23. Morena, Arauna o nea morena tseo tsohle. Arauna a eketsa a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a o hauhele!

24. Morena a re ho Arauna: Tjhe, ke tla mpe ke reke ho wena ka theko; nke ke ka hlahisetsa Jehova, Modimo wa ka, ditjheso tseo ke sa di ntshetsang letho. ha ho le jwalo, Davida a reka seotlo le dipholo ka dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano.

25. Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.