BIBELE e Halalelang

2 Samuele 22:43-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.

44. O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.

45. Baditjhaba ba nqeka; ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang.

46. Baditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.

47. Jehova a phele! Ho roriswe lefika la ka! Ho hodiswe Modimo, lefika la poloko ya ka!

48. Ke wona Modimo o mpheteletsang, o kokobetsang ditjhaba pela ka;

49. o nnamolelang direng tsa ka. O mphahamisitse hodima ba ntwantshang. O mphonyohisitse ho monna ya bohale.

50. Ka baka leo, ke tla o roka ditjhabeng, Jehova, ke rorise kganya ya lebitso la hao.

51. O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae, ka ho sa feleng.