BIBELE e Halalelang

2 Samuele 22:29-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Efela ke wena lebone la ka, Jehova: Jehova o edisa lefifi la ka.

30. Ka wena, nka itihela hodima lekgotla la dira; ka Modimo wa ka, nka tlola lerako.

31. Modimo, tsela ya wona e lokile; lentswe la Jehova le a tshepeha; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.

32. Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang haese Modimo wa rona?

33. Modimo ke qhobosheane ya ka e matla; ke wona o ntsamaisang ka tsela e lokileng.

34. O entse maoto a ka jwaloka a kgama e tshehadi, o mpea diphahameng tsa ka.

35. O ruta matsoho a ka ntwa, mme matsoho a ka a tjheba seqha sa koporo.

36. O nneile thebe ya poloko ya hao, lereko la hao le nkgodisitse.

37. O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.

38. Ke lelekisitse dira tsa ka, ke di timeditse; ha ke a ka ka kgutla, ke eso ho di qete.

39. Ka di bolaya, ka di katakela; tsa sitwa ho tsoha, tsa wa katlasa maoto a ka.

40. O ntlamile ka matla ke tle ke lwane; ba ntsohetseng matla, wa nkokobeletsa bona.

41. Wa ntadimisa mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.

42. Ba tadima, empa ho se ya ba namolelang; ba howeletsa ho Jehova, a mpa a se ke a ba arabela.

43. Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.

44. O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.

45. Baditjhaba ba nqeka; ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang.

46. Baditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.