BIBELE e Halalelang

2 Samuele 21:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ba Gibeone ba re ho yena: Hase taba ya silefera, kapa ya kgauta e mahareng a rona le Saule le ntlo ya hae; hape, hase rona re ka reng, ho bolaelwe motho Iseraeleng. Davida a re: Ke tla le etsetsa seo le tla se bolela.

5. Ba re ho morena: Monna ya neng a hopotse ho re timetsa, ya neng a re reretse bobe, hore re timelletswe ruri naheng yohle ya Iseraele,

6. a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.

7. Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.

8. Jwale, morena a nka bara ba babedi ba Ritspa, moradi wa Aja, bao a ba tswaletseng Saule, Armoni le Mefiboshethe, le bara ba bahlano ba Merabe, moradi wa Saule, bao a ba tswaletseng Adriele, mora Barsillai wa Mehola;

9. a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.

10. Yaba Ritspa, moradi wa Aja, o nka lesela le mahwashe, a ikalla lona hodima lefika, haesale ho qalwa ho kotulwa, ho isa ha metsi a lehodimo a nela ditopo tsa bona, a se ke a dumella dinonyana tsa lehodimo ho tla dula hodima tsona motshehare, leha e le dibatana tsa naha bosiu.

11. Davida a tsebiswa se entsweng ke Ritspa, moradi wa Aja, serethe sa Saule.

12. Ha ho le jwalo, Davida a lata masapo a Saule, le masapo a Jonathane mora hae, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a tlositse lepatlelong la Bethe-Shane, moo Bafilesta ba neng ba a fanyehile, mohla Bafilesta ba bolayang Saule Gilboa.

13. A lata teng masapo a Saule le masapo a Jonathane mora hae; le masapo a ba tswa fanyehwa, le wona a bokellwa.

14. Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena.Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.

15. Bafilesta ba boela ba lwana le Baiseraele; ka baka leo, Davida a futuhela Bafilesta a ena le bahlanka ba hae; ke ha Davida a se a fokotse.

16. Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.

17. Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.