BIBELE e Halalelang

2 Samuele 21:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. A lata teng masapo a Saule le masapo a Jonathane mora hae; le masapo a ba tswa fanyehwa, le wona a bokellwa.

14. Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena.Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.

15. Bafilesta ba boela ba lwana le Baiseraele; ka baka leo, Davida a futuhela Bafilesta a ena le bahlanka ba hae; ke ha Davida a se a fokotse.

16. Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.

17. Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.

18. Kamora tseo, Bafilesta ba boela ba lwana Gobe. Teng, Sibbekai wa Hushathe a bolaya Safe wa mofuta wa Barefaime.

19. Hapehape, Bafilesta ba lwana Gobe; teng, Elehanane, mora Jaare-Oregime wa Bethlehema, a bolaya Goliathe wa Gathe, eo theko ya lerumo la hae e neng e le ka ka sefate sa selohi.

20. Hapehape, ntwa e nngwe ya lwana Gathe; teng, ha hlaha monna e molelele eo seatla se seng le se seng sa hae se nang le menwana e tsheletseng, le leoto le leng le le leng la hae le nang le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene ha e balwa. Le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.

21. A nyedisa Iseraele; Jonathane, mora Shimei ngwanabo Davida, a mpa a mmolaya.

22. Bao ba bane e be e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.