BIBELE e Halalelang

2 Samuele 21:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.

2. Yaba morena o mema ba Gibeone, a bua le bona. Ba Gibeone e be e se ba bana ba Iseraele, e ne e le ba setseng ba Baamore; Baiseraele ba ne ba ba hlapanyeditse pholoho, Saule a mpa a rata ho ba bolaya, ka ho tjhesehela bana ba Iseraele le Juda.

3. Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova?

4. Ba Gibeone ba re ho yena: Hase taba ya silefera, kapa ya kgauta e mahareng a rona le Saule le ntlo ya hae; hape, hase rona re ka reng, ho bolaelwe motho Iseraeleng. Davida a re: Ke tla le etsetsa seo le tla se bolela.

5. Ba re ho morena: Monna ya neng a hopotse ho re timetsa, ya neng a re reretse bobe, hore re timelletswe ruri naheng yohle ya Iseraele,

6. a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.

7. Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.

8. Jwale, morena a nka bara ba babedi ba Ritspa, moradi wa Aja, bao a ba tswaletseng Saule, Armoni le Mefiboshethe, le bara ba bahlano ba Merabe, moradi wa Saule, bao a ba tswaletseng Adriele, mora Barsillai wa Mehola;

9. a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.

10. Yaba Ritspa, moradi wa Aja, o nka lesela le mahwashe, a ikalla lona hodima lefika, haesale ho qalwa ho kotulwa, ho isa ha metsi a lehodimo a nela ditopo tsa bona, a se ke a dumella dinonyana tsa lehodimo ho tla dula hodima tsona motshehare, leha e le dibatana tsa naha bosiu.

11. Davida a tsebiswa se entsweng ke Ritspa, moradi wa Aja, serethe sa Saule.

12. Ha ho le jwalo, Davida a lata masapo a Saule, le masapo a Jonathane mora hae, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a tlositse lepatlelong la Bethe-Shane, moo Bafilesta ba neng ba a fanyehile, mohla Bafilesta ba bolayang Saule Gilboa.

13. A lata teng masapo a Saule le masapo a Jonathane mora hae; le masapo a ba tswa fanyehwa, le wona a bokellwa.

14. Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena.Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.