BIBELE e Halalelang

2 Samuele 20:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.

9. Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;

10. athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng.Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.

11. Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.

12. Amasa o ne a phethohaka mading a hae, mmileng o moholo. Monna eo ha a bona hobane setjhaba sohle se ema teng, a tlosa Amasa mmileng, a mo lahlela thoko naheng, a akgela kobo hodima hae, kahobane a ne a bona hobane bohle ba tla teng, le ho ema teng.