BIBELE e Halalelang

2 Samuele 20:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ha a atametse pela hae, mosadi a re: A ke wena Joabe na? A re: Ke nna enwa. Mosadi a re ho yena: Mamela polelo tsa lekgabunyane la hao. Joabe a re: Ke a mamela.

18. Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.

19. Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?

20. Joabe a mo fetola, a re: E be hole le nna, e be hole le nna, taba ya hore ke heletse, kapa ke timeletse;

21. taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.