BIBELE e Halalelang

2 Samuele 20:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.

12. Amasa o ne a phethohaka mading a hae, mmileng o moholo. Monna eo ha a bona hobane setjhaba sohle se ema teng, a tlosa Amasa mmileng, a mo lahlela thoko naheng, a akgela kobo hodima hae, kahobane a ne a bona hobane bohle ba tla teng, le ho ema teng.

13. Eitse hobane a tloswe mmileng, banna bohle ba feta, ba latela Joabe ho phallela Sheba, mora Bikri.

14. Sheba eo a nna a ya le meloko yohle ya Iseraele, ho ya fihla Abele-Bethe-Maaka. Bahale bohle ba phutheha, ba mo latela.

15. Jwale, ba Joabe ba fihla, ba thibella Sheba Abele-Bethe-Maaka; ba emisa tutudu e potang motse, e sikang le lerako, mme banna bohle ba leng ho Joabe ba phunya lerako ba tle ba le heletse.

16. Yaba mosadi ya hlalefileng o howeletsa a le motseng, a re: Utlwang! Utlwang! Bolellang Joabe, le re: Atamela kwano, ke tle ke bue le wena.

17. Ha a atametse pela hae, mosadi a re: A ke wena Joabe na? A re: Ke nna enwa. Mosadi a re ho yena: Mamela polelo tsa lekgabunyane la hao. Joabe a re: Ke a mamela.

18. Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.