BIBELE e Halalelang

2 Samuele 20:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.

2. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba tloha ho Davida, ba latela Sheba, mora Bikri; banna ba Juda ba mpa ba kgomarela morena wa bona, ba tloha le yena Jordane, ba mo isa Jerusalema.

3. Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.

4. Ebile morena o re ho Amasa: Mmemele banna ba Juda ka tshiu tse tharo, le wena o ke o be teng.

5. Kahoo, Amasa a ya mema Juda, a mpa a dieha, a tlola nako eo a e beetsweng.

6. Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.

7. Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.

8. Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.

9. Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;

10. athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng.Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.

11. Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.