BIBELE e Halalelang

2 Samuele 2:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.

10. Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida.

11. Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.

12. Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.

13. Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

14. Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.

15. Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.

16. E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone.

17. Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.

18. Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

19. Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.

20. Abnere ha a hetla kamorao, a re: Na ke wena Asaele? Eo a re: Ke nna enwa.

21. Abnere a re ho yena: Kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tshware e mong wa bahlankana, mme o inkele dibetsa tsa hae. Asaele a mpa a hana ho mo kgeloha.